Jerusalema Ya Phatsimang
1. Jerusalema ya phatsimang, Lefatshe la pallo, U motle-motle hakaakang, Motse wa phomolo! Maru, dirame, difefo, Ho wena ke tse leng sieo; Se teng ke thabo, ke khotso, Motse wa phomolo. Jerusalema, Jerusalema, Motse wa phomolo!,
2. Jerusalema ya ratehang, Motse wa topollo; Hae la ntate le khahlehang, Motse wa phomolo! Tlamo tse thata tsa sebe, Ho wena ha ba di tsebe; Ke tokollo, ke poloko Motseng wa phomolo. Jerusalema, Jerusalema, Motse wa phomolo!
3. Jerusalema, ya khabane Motse wa lerato; U motle, o hlophehile, Motse, wa phomolo! Ha ke fihla, ho tla ba jwang, Nyakallo e tla ba kakaang ke o boha ka mahlo, Motse wa phomolo. Jerusalema, Jerusalema, Motse wa phomolo!
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play