Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 380

Phumola Dikhororo

100%

1. Phumola dikhororo, U k'u ntshe letshoya; U lelale ka tshepo, Ngwana wa morena. Tsatsi leha le chesa, O le matswabadi, Bona he, ho phomola Ho s'o le haufi.

2. O iqethe dikhapha, Moratuwa wa Jesu; U se ke wa tepella, Wa ntshofala pelo. Leha o le hlorehong, U tsohe molota, Haufi, lehodimong, U s'u ya phomola.

3. O hlakole lerole, Ikhahle ka matla; Tiisetsa hanyenyane, Ntwa e se e ya fela. Ha o le mehwabadi Le maqeba-qeba, Ho morena, haufi U s'u ya phomola

4. Hloboha mokhathala, Beeha ka thabo, U se o ya phomola, Ngwana wa hloreho. Dikhororo, lerole, Madi, le bohloko, A di lebaloe tsohle Sefubeng sa Jesu!

About this hymn

Sefela 380, “Phumola Dikhororo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Phumola dikhororo,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play