Re Se Re Tla Ya Robala
Mino wa bobedi
1. Re se re tla ya robala, Re mpa re sa tla tsoha; Leha re ka arohana, Re satla ya kopana. Bohle ba tla tswa mabitleng, Madibeng a lewatle, Dinaheng, moo ba patiloeng, E be matshwele-tshwele.
Re se re tla ya robala, Re mpa re satla tsoha; Leha re ka arohana, Re satla ya kopana.
2. Kajeno re mahlomoleng, Re lefatsheng la dillo, Moo ho isanwang mabitleng, Ha re hlola re sieana, Re se re tenehile; Leha re re re ya tshepana, Dithako di kahohle.
Re se re tlaya robala…
3. Leha eka re mesalla, Re jewa ke bodutu, Le rona re sa tla falla. A re beteng dipelo. A re hlakoleng meokho, Re se keng ra tepella, Bofifing re bona tshepo, Le lebitleng ho phela,
Re se re tla ya robala…
4. Lehodimo le haufi, Baka se sekhutshwane; Re se re bona lesedi Labopong la Jordane. O, thabo e tla ba kakaang Ha re fihla le rona, Re kena ho ba re ratang, Ho ya ba ho morena!
Re se re sa ya robala…
About this hymn
Sefela 376, “Re Se Re Tla Ya Robala”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 9 stanzas and opens with the line “Mino wa bobedi”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 374Mmele, Pelo Le Moya
- 375Le Hopotse Kae
- 376Re Se Re Tla Ya Robala
- 377Utlwang Lentswe
- 378Oho! Nkutlwele Bohloko
- 379Ho Dula Le Ntate
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play