Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 375

Le Hopotse Kae

100%

1. P. Le hopotse kae, ba heso? Mpolelleng, ke ya rapela; Bonang, ho thibane maru, Lefifi le ya tshabeha.

K. Re hopotse fatsheng le hole Ke lefatshe la kanana, Fatshe le ratehang, le letle. Oho, tsamaya le rona!

bohle: O, tsamaya le rona, 'Me mohla re fihlang kanana, Re o fihlele, le wena.

2. P. Taba ke dife, ba heso? Mpolelleng ke ya rapela, Le potlakela'ng hakalo? Ke'ng e tswang ho le hlahela?

K. Re titimiswa ke letswalo, Re bitsitswe ke morena; Ha ho monyaka o mokalo, Ha re hopotswe ke eena…

bohle: O, tsamaya le rona,…

3. P. Na le tshepa'ng na, ba heso? Mpolelleng, ke ya rapela. Na le tla bona tse kholo, Tsee le tla kholwa ke tsona?

K. Re tshepile tse makatsang; Letlotlo, 'muso, le lefa; Tse sa boleloeng, tse ratehang; Dintho tse se nang ho fela.

bohle: O, tsamaya le rona…

4. Leha a dieha, P. Ha ho le jwalo, ba heso, Mpolelleng ke ya rapela, Le fufulelwa'ng hakalo, Ha le se le tshoere tsela?

K. Ha re hlobohile lefatshe, Re pheeletse ho loka, Morena o re dumetse, Ha hae re se re tla kena.

bohle: O, tsamaya le rona…

5. P. E, ke dumetse, ba heso, Ntumelleng, ke ya rapela; ke ya tsamaya kajeno, Ha kena ho tsila-tsila.

K. Tlo, re titime ka lebelo, Dipelo di se khathale; Re tle re finyelle hammoho Lefatsheng lela le letle.

bohle: O, tsamaya le rona…

About this hymn

Sefela 375, “Le Hopotse Kae”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 15 stanzas and opens with the line 1.. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play