Re siele khotso ya hao
100%
282 A ~ 11.10.11.10.
1. Re siele khotso ya hao, Morena, Tsatsi lena le phethoe ke wena; Tlosa dibe dipelong le melomong, Ho rona ba o rapelang jwale.
2. Re siele khotso ya hao, Morena, U edise lefifi la rona; Re phemele dikotsi tsa bosiu, Wena Modisa ya sa otseding!
3. Re siele khotso ya hao, Morena, Jwale, le nakong ya ho oroha; Khotso ya lefatshe re e tedile, Re siele ya hao e sa feleng.
4. Re siele khotso ya hao, Morena, Tshwarelo, hlatsuo, le kamohelo; Re hlaphole pelo ka khotso ela E fetisang kutloisiso eohle!
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play