Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 253

Moren'a ka, ke sa bua

100%

1. Moren'a ka, ke sa bua le wena, Ke ingosa e le 'na ho wena; Mamela hle, ntshekehele tsee, Ke lla ke kopa ka 'nete-nete. Jesu ya nolo, Reko la hao A le lekane (bis) Kopo tsa ka tsohle (bis)

2. Ke lesitsi, ke hlokile ho loka, Ke lokelwa ke kahlolo fela; Ha ke bona, ke na le dibe tsohle, Ke ditshila, ke mobe kahohle. Jesu ya nolo, Reko la hao A le kwahele (bis) Dibe tsa ka tsohle. (bis)

3. Ke bakile, ha ke sa rata dibe, Empa botswa, tepello, tebalo Ha di fele; ho itshepa le hona, Ho se utloe, ke khathatso ruri. Jesu ya nolo, Reko la hao A le kwahele (bis) Tshitso tsa ka tsohle. (bis)

4. Tshiu tsa ka, leha di le telele, Leha o ka 'nea tse khutshwane, Ha di tlala tshwabo le mahlomola, Le dipabo, kapa mokhathala, Jesu ya nolo, Reko la hao A le lekane (bis) Tshiu tsa ka tsohle. (bis)

5. Moren'a ka, ho wena ke boletse Se ntsietsang le see ke se hlokang, Wena, Jesu, matla ke a hao 'ohle. Etsa, phetha, o sebetse tsohle. Jesu ya nolo, Reko la hao Le ke le phethe (bis) Poloko ya ka eohle. (bis)

About this hymn

Sefela 253, “Moren'a ka, ke sa bua”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Moren'a ka, ke sa bua le wena,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play