Kajeno re rorisa
100%
1. Kajeno re rorisa Morena wa marena, (bis) Ke yena 'Mopi wa batho Leha re senyehile, (bis) Jesu o re ratile, O re lefetse melato.
2. Ba leng lehlohonolo Ke ba pelo e nolo, (bis) Ba khumamelang Morena. A re atameleng, (bis) Bohle re mo thabeleng, Mong 'a khabane ke yena
3. A re mo sebeletseng Ka pelo tse tshohileng, (bis) Ka tiisetso le ka botle. Re dumeleng ditaba. (bis) Tse rongwang ke jehova Ho baetsadibe bohle.
4. Ba natlang lehodimo, Ba tla bona Modimo (bis) Ka letlotlong le leseding; Ba seng bam o dumetse (bis) Ba se ba amohetse Hlohonolo le sa feleng.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play