Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 187

Khama e siileng letsholo

100%

1. Khama e siileng letsholo E llela sedibana, Ha e khahloe ke makhulo, Lenyora le ya e khama, Ho dutse jwalo le 'na, Ke nyoretswe Morena, Ke re, ke tla bona neneng Modimo o hlolehileng?

2. Bosiu le motsheare, Le ka ditshiu tsohle Basomi ba nteetseng hare Ba ntshehela tsa botle; Ba re: O kae Modimo? U 'mona jwang hodimo? Dilelo di ntlhopha hobe, Di 'nyonyisa le bohobe.

3. Ke lata taba tsa pele, Ha re ne re kopana Le ba etelang tempele, Tempele ya Morena. Re ne re le dihlopha, Re tsamea re opa, Re thabelang, re bina, Re bua, re khothatsana.

4. Moya wa ka, o swabetse'ng? U tshohela'ng ka ho 'ng? tshepo e o tloheletse'ng? Modimo wa o bona! U tshepe ya o ratang Ya tshedisang ba lelang; Le jwale o sa tla 'moka, Eo o reng o sa mo hloka.

5. Meso e tla o hlahela U ntse o na le yena; Letsatsi ha le dikela, U robale ka pina U tla re ho Modimo, Lefika le molemo U ne o ka ntebalela'ng Motsohong a ba nthorelang?

About this hymn

Sefela 187, “Khama e siileng letsholo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Khama e siileng letsholo. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play