Ho hlola le wena
1. Ho hlola le wena, Ha ho ka ba jwalo Ho ba le wena, Morena, Ke bona bophelo. Moo ke hlahlathelang, Ke hlora ka 'nete
Ke hlolohetswe hakaakang Haeso, ha Ntate (ter) Haeso, ha Ntate
2. Ka matsatsi-tsatsi Ke ntse ke titima; Leha ho le ditsietsi, Hae ke tla finyella. Motse o ratehang, Hae la ka la 'nete Ke hlolohetswe hakaakang,…
3. Empa mahlomola, Mohlomong le dillo Di ntutubatsa ka matla Mahlo a tumelo. Motse o ratehang, Hae la ka la 'nete, Ke hlolohetswe hakaakang,…
4. Leha ke khathala, Ha o sa le hole; Ke o bonela leroothong, O ntse o khabile: Motse o ratehang, Hae la ka la 'nete. Ke hlolohetswe hakaakang…
5. O nthuse, Morena, Ke fihle kapele, Ke be ke hlole le wena Ka matsatsi 'ohle Motse o ratehang, Hae la ka la 'nete, Ke hlolohetswe hakaakang…
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play