Lefatsheng lena ke tla tloha
1. Lefatsheng lena ke tla tloha, Malwetse a ka a tla fela; Ke khathetse, ke batla phomolo. Eto la ka ke se ke tla le qeta, Ke orohele sefubeng sa Ntate.
2. Meleko e se e tla ntesa, Mefokolo e tla ntlohela, Ke lese ho sitelwa Modimo; Ke hlahlelwe lesakeng la Konyana, Moo ke sa e'o bona dihloriso.
3. Sedi la teng le tla nkhanyetsa, Tsebo ya teng e tla nkhodisa, Ha ke sa tla phela ka bowatla; Rato la teng le sa tla 'nyakalatsa, Ka matsatsi a se nang ho fela.
4. Monghadi, ke o lebeletse, Nkuke, etswe o lokisitse, Ruri, Jesu, ke o hlolohetswe, U nkuke, ke ee ke o sebeletse, Mong'a ka, o se o ntiehetse.
About this hymn
Sefela 164, “Lefatsheng lena ke tla tloha”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line “1. Lefatsheng lena ke tla tloha,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 161Tlong, re yeng, a re yeng ka monyaka.Come, let us go, let us go with joy.
- 162Re ba nyoretsweng lefatshe
- 163Ke habile leholimong
- 165Ho hlola le wena
- 166Ka madi a hao a matle
- 167Hole le hae la ka
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play