Ana Ke Ntho E Ka Etswang
1. Ana ke ntho e ka etswang, Ke be le dihlong ka wena. Ka wena, Jesu ya bokwang Hakaakale ke bakhethwa?
2. Nka ba dihlong ka wena jwang? Jesu, o nkhapile le pelo! Ha ho eo nka mo tshepang; Ke kholwa ke wena Jesu.
3. Ke ne ke le molahlehi, Empa ha wa ka wa nqena; 'Me ha o nchwetse, 'Moloki, Nka ba dihlong jwang ka wena?
4. Ke atelwa ke meleko, ke ya lla, 'me ke ya ngongoreha. Ha o ntahle, o mpha khorso, Nka ba dihlong jwang ka wena?
5. Che, nka nyefolwa , ka ilwa, Empa hase letho ho 'na; Ha ke le mohauhelwa, Nka ba dihlonh jwang ka wena?
6. Bitso la hao, Moren'a ka, Ho 'na ke thwadi, ke khabo; Ho le paka, ho le roka, Ha ho thoriso e kalo.
7. Jesu, Mong'a ka, o nthute, Pelong o khofe bokwala, Ke o rorise ka 'nete Bathong, sephiring, ka mehla.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play