Mofapahloho O Teng
1. Mofapahloho o teng O se nang ho bola, E tla ba o aba jereng Fapano sa bona. Hlohong, batla o rweswa Ke Jesu mohlodi: Ha ba tiisa ho lwana, Ba hlola lefatshe.
2. Hlolo e fela e teng Ho bao ba heso Ba tiisetsang ka phafeng Ho lwanela Jesu. Athe ma-tshola-kobo A sa eeng hlabanong, Leha a rata hlolo, A tla ba le dihlong.
3. Tieang, ya rememileng Ho lwana ka matla O tla re thusa ka ntweng, Re be dikwaratla. O se a re hleketse 'Mila ka bohloko, O se a re hloletse Ka ho hlola lefu.
4. A re keng re hopole Tsa Jesu ka mehla, Re ke re mo latele Ka ho mo thabela. O sile mangeloi, A tla ka mohau, A iketsa mohloki Ho ruisa batho.
5. Inkeleng sefapano! Ho rona se chatsi; A re mo saleng morao Har'a ditsietsi; O re beetse mehlala Ka bophelo ba hae; Ha re hata ho eona, Re tla finyella hae.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play