Modimo Ke Setshabelo
1. Modimo ke setshabelo Sa ba leng mahlomoleng; Tsoho la hae ke tshirelo Ya bohle bafokotseng. Ha sera se pora, Leha se puruma Ha se na matla, Matla ke a Jehova, Ka mehla wa re lwanela.
2. Re ntse re khopjwa ka mehla, Ha re tsebe ho tiea; Ke Jesu ya re fang matla, Hape wa re rapella. Ha a re lebale Ha a re furalle; Pel'a terone O ntsa eme a tiile, Re tla hlola, re phethehe.
3 Jesu, emela Kereke E hlatsoitsweng ka madi: E lwantshwa ke matla o'hle A 'muso wa lefifi. E tshepile wena, Ka wena ya ema U itse: Khoro Kaofela tsa dihele Di ke se ke tsa e hlola
About this hymn
Sefela 119, “Modimo Ke Setshabelo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line “1. Modimo ke setshabelo”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 116Hale Lakatsa Ho Tseba
- 117Tsietsing Tsa Letswalo
- 118Molimo Ha U ipata
- 120Ya itshepelang Moloki
- 121Mofapahloho O Teng
- 122Ya Hlolang
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play