O Modimo Waka
mino wa pele
1. O Modimo wa ka, Modimo wa topollo! Ke re ho lefatshe le ho lehodimo: E ke e be paki tsa ho leboha ha ka, Ka moo hlohonolo le mphihletseng kateng.
2. Ke lehlohonolo ha ke utlwa le itseng: Sedi a le be teng! 'me sedi la hlaha; Lentswe le tlang ho 'na, le nthutang, le ntshedisang, Le reng: Moo ke tsela, tsela ya poloko.
3. Ke lehlohonolo ha ke hua le wena, Ke o ntshetsa poko le thapelo ya ka, Ka hlompho ya ngwana ya tshepileng ntat'ae Le ka thothomelo ya moetsadibe.
4. Ke lehlohonolo tsatsing la hao, Morena, Le tsoileng phomolo le ho tsoha bafung, Tsatsi le mpiletsang nqalong ya bokhetheho, Ho fola phokolo le ho boya matla.
5. Ke lehlohonolo mohla thupa e ntayang, E tla ka lerato, k'e nka ka lerato. Ha ke belaele, letsoho ke la Ntate; Tlas'a sefapano ke ya lla, ke ya tshediswa.
6. Ke lehlohonolo ha Satane a nqala, Ke lwa sefapanong, ke shea Konyana; Ke hlola mangoleng, 'me ke tswa twanong eo, Ke tswa ke maqeba, empa ke ya hlotseng.
7. Ke lehlohonolo: Modim'wa ka ke Ntate, Jesu ke ngwan'eso, 'monesi ke Moya; Fatshe le ka 'nea'ng? Hele di ka nkamoha'ng? Ke na le Modimo o bokwang hararo!
About this hymn
Sefela 115, “O Modimo Waka”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line “mino wa pele”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 113Jesu, HaKe Bitsa
- 114Tlohang Ho Nna
- 114Tlohang Ho Nna
- 115O Modimo Waka
- 116Hale Lakatsa Ho Tseba
- 117Tsietsing Tsa Letswalo
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play