Jesu, HaKe Bitsa
1. Jesu, ha ke bitsa, – Tlo ho nkhalaletsa; Moy'a hao, Morena, – O kene ka ho 'na; Pelo ya ka ke ntlo ya hao: (bis) U dule teng, wena Mong'a mohau.
2. Ke ntse ke o batla, – o ntlele le matla, Ke lwane le dibe – Tse atileng hobe. Tlo, Mong'a ka, o ntwanele, (bis) Dibe tsohle-tsohle ke di hlole.
3. Leha nka bokella – Maruo kaofela, Ka tuma haholo – ditsebeng tsa batho, Dintho tsohle di bosula;(bis) Ruri ke kholwa ke wena fela
4. Bitso le tumileng – Leha le kaba teng, E ka ba eng ho 'na – Ha ke se na wena? Leha dintho di nkatetse. (bis) Empa moya wa ka o timetse?
About this hymn
Sefela 113, “Jesu, HaKe Bitsa”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line “1. Jesu, ha ke bitsa, – Tlo ho nkhalaletsa;”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 110Ntate Ha kesa Sepela
- 111Ke Na le ModisaThe Lord Is My Shepherd
- 112Lefatshe Lena
- 114Tlohang Ho Nna
- 114Tlohang Ho Nna
- 115O Modimo Waka
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play