Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 59

Modimo, E S'e Le Dinako

100%

1. Modimo, e s'e le dinako Tse boletsweng ho baholo, Tsa ho tshela ka Moe'a pako Ba lopolotsweng ke Jesu; Jwale, Moya, o theohele Dipelong tsa ba bangata, U di bule, o di sokolle, Di tediswe tsa bohata.

2 Moya o tsholleloe lefatsheng, Chaba di tsohe kaofela, Di phalle, di tlale kerekeng, Thabo e tswale difela; Ba ahileng bochaba-tsatsi Ho isa bophirimela, Pheletsong tsohle tsa lefatshe, Ba kene bohle lesakeng.

3 Foka, Moya, foka ka matla! Ba shweleng ba tsohe bafung, Badibe ba rahe lebitla, Ba sokollele bophelong; Puo tse ncha di utlwahale, Tse lebohang E moholo, Le mohlolo e tsahale Ka wena, Moya wa Jesu!

About this hymn

Sefela 59, “Modimo, E S'e Le Dinako”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line 1. Modimo, e s'e le dinako. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play