Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 54

A Re Bokeng Jesu

100%

1 A re bokeng Jesu, 'Moloki wa batho; Chaba tsohle, bochabela Ho isa bophirimela, Di bine alleluya, (bis) Alleluya, (ter) Ka mehla!

2 O re lopolotse, O re file motse; Badumedi ba ya botleng, Ba ya phela ho sa feleng. Re bine alleluya, (bis) Alleluya , (ter) Ke mehla!

3 Bohle ba khethiloeng, Ba dutse teroneng Tse letlotlong la Morena, Ba tla busa le konyana, Ba bine alleluya, (bis) Alleluya, (ter) Ka mehla!

4 A ho bokoe mohau Wa Jesu 'Moloki. Ho tumiswe le letlotlo, Matla, puso, le lerato; Ho binoe alleluya, (bis) Alleluya,(ter) Ka mehla!

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play