Na Ke Ntho E Ka O Khahlang
1. Na ke ntho e ka o khahlang, sehlabelo sa modibe? Na ha se se hahlamelang, Se monkho o nkhang, o mobe?
2. Leha o sa tadimane Le bokhopo, le ditshila, O, Monghadi ya khabane, Se nkhane ha ke rapela!
3. E, pel'a hao ke lefela, Ke mpa ke lelatsa mahlo Ka baka la Jesu fela, Ka tshepo le ka tumelo.
4. Ke ya tlotlehang ho wena, O o khahlisitse pelo; O, o nkhauhele le 'na, Ntate, ka baka la Jesu.
5. Ho bebenya ho ilehang Ha pelo ya mohlomohi, A e be ntho e o khahlang Ka baka la Montopoldi!
6. Tsa ka tsohle di ho wena; U nkutloe ka yena Jesu; Pel'a hao ke kweletane, Ke khamiloe, ke semumu.
About this hymn
Sefela 402, “Na Ke Ntho E Ka O Khahlang”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Na ke ntho e ka o khahlang,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 399Ka Re Ke Tla Iponela
- 400Ee Ke Se Ke Bone
- 401Ha Ke Qala Ho Phaphama
- 403Ke Bone Tsela
- 404Jesu A Shwa Me A Tsoha
- 405Ka Dinako TsohleAt All Times
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play