Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 36

Re tumiseng ka dipina

100%

1. Re tumiseng ka dipina, Ka tempeleng ya Morena, Thoko tsa Mong'a hlolo. Jesu o hlotse ka matla Dira ho yena kaofela, A tsohela bophelo. Bokang Jesu, – Mopholosi Wa lefatshe; – Le roriseng Mohale ya re hloletseng.

2. Jesu Kreste, ka ho tsoha, O ikentse thatkangwaha Ya ho tsoha ha rona. Re kopantswe le Modimo, Re tla bona lehodimo, Ka lerato la oona. Bokang Jesu, – Mopholosi; Ka letsatsi – La bofelo Re tla tsohela bophelo.

About this hymn

Sefela 36, “Re tumiseng ka dipina”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 2 stanzas and opens with the line 1. Re tumiseng ka dipina,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play