Mpheng Mapheo A Tumelo
1. Mpheng mapheo a tumelo, Ke tlohe, ke fofe; Ke fihlele lehodimo, Tsa teng ke di bone! Lefatshe lena ha le na molemo, Ha le nkhahle ka letho; Empa lehodimong, Heso, Moreneng, Teng ke boiketlong, Teng ke monyakeng; E, ke bophelong, Bophelong bo sa feleng.
2. Na ke tla tlosa neng lera Le mphifatsang mahlo? Ke neng ke tla bohisisa Motse wa Modimo? Jerusalema, motse o khahlehang, U rateha hakaakang! Motse o khabane, Motse wa khotso! Dumela, Sione! Jo, hlolohelo E nqeta pelo, Mots'omotle wa Jesu!
3. Barutuwa ba bangata Ba orohetse teng. Ba kopane le bakhethwa Ba bolokehileng. Ba re rakile, ba kene phomolong, Ba kene boiketlong. Ba re lebeletse, Ba re emetse, Ba ntse ba re bitsa. Ha re hopola Bona ba heso, Re hlolwa ke dipelo.
4. Eo ke mo hlolohetsweng Ka ho fetisisa, Ke Morena ya nthatileng, Ke 'Moloki wa ka; Mohla ke hlahang, ke 'mona ka mahlo, Jo, e tla ba jwang thabo! Ke ope diatla, 'Me ke mo re qa; A ke ke a nkhaka, Ke tla mo tseba Har'a ba khanyang, Jesu, 'Moloki wa ka.
About this hymn
Sefela 357, “Mpheng Mapheo A Tumelo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line “1. Mpheng mapheo a tumelo,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 354Pula Tsa Lehlohonolo
- 355Jehova Mo Tsamaise
- 356Na Ke Bomang Mose Ledibohong
- 358U Nkise Qhobosheaneng
- 359Lefika La Mehleng
- 360O, Morati Ya Nthatang
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play