Na O Hlokile Sebaka
1. Na o hlokile sebaka Sa ho inkela Jesu? O eme, o nts'a kokota, Molopodi wa batho. Se hane Moren'a khanya Ya o ratang hakalo; O sa eme, wa rapela: Mo bulele ka thabo.
2. Na o hloka selonyana See o ka se fang Jesu? Wa khora o ntse o khaba, Ho sa mo salle letho. Se time Moren'a khanya Ya o teletseng tsohle: Bohahabo le borena, Le eena ka sebele.
3. Na o hlokile sebaka Sa ho rongwa ke Jesu? U imetswe ke tse ngata, Merero le boholo. Se hane Moren'a khanya Ya ikhwahlapaditseng, Hore a lopolle wena, Seila se timetseng.
4. Na o ka hlokile sebaka Sa ho rorisa Jesu? Na o dihlong ke'ng ke eena Ha o le har'a batho? Se qene Moren'a khanya. Yena ya sa o kheseng, Esere a o latola. Le wena pepeneneng.
About this hymn
Sefela 239, “Na O Hlokile Sebaka”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line “1. Na o hlokile sebaka”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 237Hlweko Ke Ya Morena
- 237AHo Hotle Ho O Tlotla
- 238Mohau Wa Morena Jesu
- 240Mohau Wa Morena
- 241Ya Renang Ka Hosa Feleng
- 242Modimo Re Felehetse
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play