Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 210

Jesu O Mpone Hake Kgathetse

100%

1. Jesu, o mpone ha ke khathetse, Ke lapile, ke nyahame pelo; Mona feelleng, o ntokiseditse (bis) Selallo, mokete o moholo. (bis)

2. Wa 'mema le 'na, moetsadibe, Ke je, ke nwe, ke thabe le wena; 'Mele wa hao ke bona bohobe, (bis) Ke nwa le madi a hao, Morena. (bis)

3. U ipha 'na, wena ka sebele, Ke khora matla, khotso le thabo; Nka batla kae menate esele, (bis) Nka lakatsa'ng ha o mpha hakalo? (bis)

4. Ana ho setse'ng ka ntle ho wena, Wena ya kakatletseng ntho tsohle, Wena, Monghadi, ya ratwang ke 'na, (bis) Wena, Jesu, ya nthatileng pele?

5. Ahe, Jesu, Ahe, Moren'a ka! U mphile, ke jele; e, ke khotshe. U fanne haholo, ke ya boka, (bis) Ka matla a hao ke matlafetse. (bis)

6. Ha ke tloha mona, ke tsamaya, Nke ke ka arohana le wena; Hohle ho pheleng le ho shweng ha ka, (bis) Jesu, ke tla 'ne ke be le wena. (bis)

About this hymn

Sefela 210, “Jesu O Mpone Hake Kgathetse”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line 1. Jesu, o mpone ha ke khathetse,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play