Kajeno, Ho Nchabetse
1. Kajeno, ho nchabetse Letsatsi le letle; Khale ke le lebeletse, Jwale le hlahile. U nkamohele, Morena; Le lona, phutheho; Ke tlil'o kena ho lona, Ke kopa ditulo.
2. U 'nile wa mpaballa Bocheng bohle ba ka, Ho fihlela tsatsi lena Ke phelang ka lona; Ho 'na e nts'e le mohlolo U bone eng ho 'na? Ha ke newa lehlohonolo La ho ema mona
3. Ha ke ema, Morena Ho bolela tsa hao, Ke re, o nolo, o mosa, U na le lereko; Pelo ya hao e mohau, Hape e telele; Ruri, ha o rate lefu La baetsadibe.
4. U ntatile timelong Moo ke neng ke shwele Dibeng tsohle le melatong, Matleng a dihele. Kajeno o ntshokolotse, U ntshwaretse dibe, U bile o 'nchafaditse Ka Moya wa 'nete.
5. ke ya itlama, Morena, 'Na, ngwan'a hao jwale; Ke wa ntlo ya hao kajeno, Ke eena ka 'nete; Ke be eena ka ho rata Ditaelo tsa hao, Ke be eena ka ho etsa Mosebetse wa hao.
6. ke ya itlama, Morena, 'Na, ngwan'a hao jwale, Ke wa ntlo ya hao kajeno, Ke eena ka 'nete; Ke be eena ka ho hana Ditshila le dibe, Ke be eena ka ho lahla Mekhwa ya lefatshe.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play