Moruo wa lehodimo
1. Moruo wa lehodimo O beetswe bana Ba hlahiswang ho Modimo Ba tshwaelwa oona.
2. Ngwana enwa wa Adama O tswaletswe dibeng; Jesu, o tle ho ama, Mo hlatswe sedibeng.
3. Sediba ke madi a hao, A lefang melato Ya bohle ba tlotseng melao Ya 'Mopi wa batho.
4. Nea ngwana eo matsatsi Le lehlohonolo; Mo hlekele mona fatshe Tsela e bonolo.
5. Nea ngwana eo temoho, Etlere h'a hotse, A dumele ka teboho Hoba o mo thotse.
6. O ngole lebitso la hae Bukeng ya bophelo; Mohla a shwang, a kene hae, A pheme timelo.
About this hymn
Sefela 196, “Moruo wa lehodimo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Moruo wa lehodimo”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 193Tiisa lentswe lena
- 194Jwale, re utloile ditaba
- 195E, jwale ke tla orohaNow I will sing
- 197Jesu Modis'a molemo
- 198Letsatsi la lehlohonolo
- 199Lentswe le dumang
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play