Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 171

Fatshe le teng la nyakallo

100%

1. Fatshe le teng la nyakallo, E leng la ba phelang; Fatshe leo ke la pallo Ee re e thabelang; Ke moo bahlweki ba busang, Khanyeng e sa feteng, Hlohonolong le khodisang, Thabong e sa feleng.

2. Fatshe leo ha le hole Moedi ke lefu; Etswe batho re lerole, Le bocha ke sefi; Lefu, hape, ke monyako O isang ho lona Bana bohle ba topollo Ba kena ka oona

3. Ho tla ba jwang ha re fihla Khanyeng le monateng, Moo ho nyakallong ka mehla Ke bahlweki ba teng? Re tla leboha Modimo Bakeng sa topollo; Re tla rorisa le Jesu Le Moy'a bophelo

About this hymn

Sefela 171, “Fatshe le teng la nyakallo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line 1. Fatshe le teng la nyakallo,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play