O Modimo O Tletseng Mosa
1. O Modimo o tletseng mosa, Ke tlile ho o rapela; Empa ke simolla ka ho re, Ho rapela ha ke tsebe. Oho,Moren'a ka ,u nthute, Ho o rapela ka 'nete!
2. Ho fihlela letsatsi lena, Ke atisitse ho bea Merapelo e se nang taba, Ya molomo le ya mokhwa Oho, Moren'a ka, o thute Ho o rapela ka 'nete!
3. Ke ne ke qale ho rapela Ho se ho le halelele; 'Me merapelo ya ka jwale E ka balwa ka dikete. Oho, Moren'a ka,u nthute Ho o rapela ka 'nete!
4. Ke 'na hase le ho hlomoha Ha ke sa le mofutsana Ya sa kang a fihlela letho Merapelo e mekalo. Oho,moren'a ka,u nthute Ho o rapela ka 'nete!
5. Ke neneng ke rapela, ka re Sebe se ntese, se tlohe! Se sa le teng, se na le matla, Athe ha ke sa se rata. Oho, Moren'a ka, o nthute
6. Ke neneng ke kopile pako E sa khutleng morao? Bona hle, Ntate, mekhwa ya ka Ya khale e sa le ena. Oho, Moren'a ka, o nthute
7. Ke sa ntsane ke kopa Moya, Ha ke phetse ho o batla; O tla tlala neneng ka ho 'na, Ke hlobohe bofutsana? Oho, Moren'a ka, o nthute
8. Ditshitso tsa hao, Moren'a ka, Di dutse jwalo kaofela; U lakatsa ho 'nea tsohle. Empa ha ke kope hantle. Oho, Moren'a ka, o nthute
About this hymn
Sefela 132, “O Modimo O Tletseng Mosa”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line “1. O Modimo o tletseng mosa,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 129Jesu Ke Utlwa Ha O Re
- 130Ngaka Ya Lefu La Dibe
- 131Ke Thaba Ha Ke Bala
- 133A Re Rateng Ka Cheseho
- 134Morena Ke Rata Ho Phelela
- 135Sedi Laka Mponesetse Tsela
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play